|
|
NA
O SE O FUMANE TSHIBOLLO
|
[Read "The Wonderful Discovery" in Your Language ]
|
TSATSI
LE LENG LE LE LENG E KA BA TSHIBOLLO E MAKATSANG
HO
MOKRESTE ya
tsebang bonnete ba ho tlala Moya O Halalelang, ya
phelang
kamehla nako le nako pusong ya Oona e hauhelang.
Bibele e re ruta hore ho
nale mefuta a meraro ya batho:
1. MOTHO WA
TLHAHO. (Motho ya esong ho amohele Kreste).
Empa tholwana ya Moya ke lerato, Ie thabo, le kgotso, le sebete, Ie kgauho, le molemo, le botshepehi, Ie bonolo, Ie boitshwaro. Ha ho molao o hanang tse jwalo. (Ba-galata 5:22,23).
MOTHO WA MOYA... matshwao a se makae a botho ao e leng dithoIwana tsa ho tshepa Modimo.
Hore na matshwao ana a bonahala ho le hokae bophelong ba mokreste, ho laolwa ke ho tshepa Modimo mabakeng oohle a bophelo, le ho hola ha tsebo ya hae ho Jesu Kreste. Mokreste eo e leng hona a qalang ho utlwisisa tshebetso ya Moya O Halalelang, a seke a tepella ha mohlomong a sa bone ditholwana bophelong ba hae, jwaleka motho ya seng a ena le kutlisiso e phethahetseng ya Bokreste, eo e leng nako e telele a se a tseba nnete ena, mme a se a ena le boiphihlelo bona. Ke ka baka lang ha bakreste ba bangata ba sitwa ho ba Ie boiphihielo ba bophelo bo fetisisang na?
Motho wa nama o tshepa diteko tsa hae ho fihlella bophelo ba bokreste. B. Boiphihlelo ba hae ba semoya bo tsamaya bo teba mme bo phahama. C. O sitwa ho ikutiwisisa . . . O rata ho etsa ho lokileng empa wa sitwa. D. Ha a amohele matla a Moya O Halalelang hore a tle a phele bophelo ba bokreste.
Nnete ya boraro e re rerollela diqaka tsena
Bophelo bo tietseng Moya ke bophelo bo buswang ke Kreste, boo ka bona Kreste a phelang ka ho rona mme le rona ho Yena ka matla a Moya O Halalelang. A. Ho ya ka Johanne 3:1-8, motho e ba mokreste ka baka Ia tshebetso ya Moya O Halalelang. Ho tloha motsotsong wa tswalo ya bobedi, Moya O Halalelang O aha ka ho motho. (Johanne 1:12; Bakolose 2:9, 10; Johanne 14:16, 17). Leha Moya O Hatalelang O dula ka ho Ba-Kreste bohle, hase bohle ba tlatsitsweng ka Moya O Halalelang (ba buswang, ba matIafatswang ke Oona). B. Moya O halalelang ke mohlodi wa bophelo bo kgapatsehang kapa bo fetisisang (Johanne 7:37-39).
C. Moya
O Halalelang O tlile ho tle tlotlisa Kreste (Johanne
16:13-14). Ha motho a tlatsitswe ka Moya O Halalelang, ke morutuwa wa nnete wa
Kreste. Re ka tlatswa jwang ka Moya O Halaleiang?
Ka motsotso ona o ka amohela ho tlatswa ka Moya O Halalelang haeba feela: A. O lakatsa e le ka nnete ho Iaolwa le ho matlafatswa ka Moya O Halalelang (Mattheu 5:6; Johanne 7:37-39). B. Ha o ipolela dibe.
Leboha Modimo
tumelong ha a o tshwaretse dibe -- tsa nako e fetileng, tsa
kajeno Ie
tsa
nako
e tlang -- hobane Kreste a o shwetse.(Bakolose
2:13-15; I Johanne 1; 2:1.3; Baheberu 10:1.17). 1. TAELO YA HAE
le tiale Moya O
Halalelang. "Mme le seke Ia tahwa ke veine, hobane bohlola bo teng
ho yona; le
mpe le
tlale Moya. (Ba-Efese 5:18).
2.
TSHEPISO YA HAE
Mme tshepo e tiileng eo re nang le
yona ho
Yena, ke hobane ha re kopa ntho ka ho rata ha Hae, o a re utlwa. --
Mme
ha re tseba hore wa re utlwa ha re kopa eng kapa eng, re a tseba hoba
re na le tseo re di kopileng ho Yena.
Tumelo e ka
bonahala kapa ya hlahiswa ka thapelo.
MOKGWA
WA HO RAPELA KA TUMELO HORE O TLWATSWE KA
MOYA O HALALELANG. Ke
ka tumelo feela re tlatswang ka Moya O Halalelang. Thapelo ya
nnete ke mokgwa o mong wa ho bonahatsa tumelo. Mantsvve a latelang e ka
ba a thapelo:
Ntate ya ratehang
ke ya o hloka. Ke ipolela ha ke bile ya busang bophelo ba ka mme ka
baka leo ke o sitetswe. Ke a o leboha, haele moo ka lefu Ia Jesu
Kreste sefapanong O ntshwaretse dibe tsa ka. Ke mema Jesu botjha bo
busa terone ya bophelo ba ka. Ntlatse ka Moya O Halalelang jwaleka ha
o ntaetse, le jwaleka ha o tshepisitse hore o tla ho
etsa ha ke ho kopa ka tumelo. Ke rapella
tsena ka
lebitso la Jesu. Jwaleka ha mokgwa wa ho hlahisa tumelo ya ka, kea o
leboha ha jwale o busa bophelo ba ka mme o ntlatsa ka Moya O
Halalelang.
Na thapelo ena e
hlahisa Ie ho bolela seo e leng maikutlo a pelo ya hao na? Haeba ho
jwalo, kguimama o rapele ka motsotso ona, mme o Mo tshepe hore O
tla O tlatsa ka Moya O Halalelang.
KAMOO
O KA TSEBANG KATENG HORE O TLATSITSWE (HO BUSWA LE HO MATLAFATSWA) KA
MOYA O HALALELANG.
Na o kopile hore
Modimo O o tlatse ka Moya O Halalelang na? Na o
nale bonnete ba hore
jwale o tIatsitswe ka Moya O Halalelang na?
Ke ka
matla kapa ka tshwanelo efe?
(ka matla a ho dumela
Modimo le a Lentswe Ia
Oona:
Terene e ka tsamaya e
ena kapa e sena letoroko Ia balaodi
. Empa
e ka
ba bothoto
ho leka ho tsamaisa
terene ka letoroko Ia balaodi. Mokreste Ie yena
ha a thee tshepo
ya hae hodima maikutlo Ie boikutlo, empa o thea
tumelo ya hae (tshepo) tshwanelong ya ho dumela ho Modimo Ie ditshepisong
tsa Lentswe
Ia Oona.
KAMOO
O KA TSAMAYANG MOYENG KATENG.
Tumelo (ho
tshepa Modimo le dipallo
tsa
Oona)
ke oona mokgwa feela oo ka ona
mokreste a ka phelang
bophelo boo ho bona a tsamaiswang ke moya. Ha o
tshepa Jesu motsotso o mong le o mong:
A. Bophelo ba hao bo tla
tswelapele ho bonahatsa
ditholwana
tsa moya,(Bagalata 5:22,23);
mme o tla
fetoha ho tshwana le Kreste (Baroma 12:2;
II Bakorinthe 3:18).
B. Bophelo ba hao ba thapelo le ho ithuta Lentswe Ia Modimo, ho tla o fetohela molemo haholo.
C.
O tla be le
boiphihielo ba matla a Hae ho mo paka (Diketso
1:8).
D.
O tla tlamelwa bakeng
sa ntwa ya Moya le Iefatshe (I Johanne
2:15-17) Ie nama (Bagalata 5:16,17);
le satane
(I Petrose 5:7-9;
Ba-Efese 6:10-13).
E. O tla ba Ie
boiphihlelo ba matla a Hae ho Iwantsha moleko le sebe (I Bakorinthe 10:13; Bafillipi 4:13;
Ba-Efese 1:9-23; II Timothea 1:7; Baroma 6:1-16).
PHEFUMOLOHO YA
SEMOYA:
Ka tumelo o ka fumana
lerato le tshwarelo ya Modimo
ka
mokgwa o sa kgaotseng. Ha o lemoha boemo kapa
ketso e
nngwe bophelong ba hao
e sa kgahleng Modimo,
moo
wena
o ntseng
o leka ho tsamaya le Modimo mme o lakatsa ho O
sebeletsa, O lebohe ka baka Ia lefu Ia Jesu Ia poelano ha ka lona a o
tshwarela dibe (tsa
nako e fetileng,
tsa
hona
jwale Ie tsa
nako e tlang). Ithuele lerato le tshwarelo ya hae mme
o tswelepele ho ba le kopano le Oona.
Ha o ka boela hape o
dula hodimo terone ya bophelo ba hao
ke baka Ia
sebe
e leng ketso ya nnete ya ho se utlwe -- o
qale o
sebedise phefumoloho ya semoya.
Phefumoloho va
Semova (ho phefumolohela ntle tse
ditshila le ho
phefumolohela
ka hare tse
hiwekileng) ha se letho
haese feela
kwetliso ya tumelo hoo ka hona o tlang ho
tseba
ho
latswa kapa ho fumana lerato le tshwarelo ya Modimo ka dinako tsohle.
1. Phefumolohelo 2.
Phefumolohelo
kahare . . .
neela puso ya bophelo ba
hao ho
Jesu Kreste mme
o amohele botlalo ba Moya Halalelang ka tumelo.
Tshepa hore jwale o busa bophelo ba hao mme
HAEBA
BUKANA ENA E O FETOHETSE MOLEMO, E FETISETSE HO E MONG KAPA O E BALLE E
MONG.
Dikgatiso
tse dikete tsa dikete tsa bukana ena: Na o se o fumane tshibollo e
makatsang ya bophelo bo tletseng Moya na?, di se di fetoIetswe dipuong
tse kgolo tsa lefatse le ho hasangwa. Ka baka Ia hona, dikete tsa
bakreste di se di fumane le ho buswa ke Moya O Halalelang bophelong ba
bona. Ka bophelo bo kgapatsehang kapa bo fetisisang boo Kreste a
botshepisitseng, ba fetohile dipaki tsa nnete tsa bakreste.
Re
kgothaletsa ho sebediswa ha bukana ena, empa ho thibela ho fetolwa ha ditaba tsa
yona le hore di nyenyefatswe, bukana ena (kapa karolo ya yona) e ke ke ya
sebediswa ka mokgwa ofe kapa ofe. Tumello e ngotsweng e fumanwa ho: Campus
Crusade for Christ of S.A., P.O. Box
91015 Auckland Park 2006.
|
||||||||||||||||||||||||||||||||||||||
|
|
| © 1995-2001 Campus Crusade for Christ International Questions and Comments are always welcome! http://www.jesuswho.org/spirit/sesotho/default.htm webmaster@jesuswho.org last updated: 18-08-2006 |
|