TSATSI LE LENG LE LE LENG E KA BA TSHIBOLLO E MAKATSANG HO MOKRESTE ya tsebang bonnete ba ho tlala Moya O Halalelang, ya phelang kamehla nako le nako pusong ya Oona e hauhelang. Bibele e re ruta hore ho nale mefuta a meraro ya batho:

1. MOTHO WA TLHAHO. (Motho ya esong ho amohele Kreste).
“Empa motho wa nama ha a amohele ditaba tseo e leng tsa Moya wa Modimo; hobane ho yena ke bohlanya, mme o sitwa ho di tseba, hobane di lemohuwa ka moya.” (I Bakorinthe 2:14).

BOPHELO BA BO-NNA

M Bo-nna teroneng.
Ditakatso tse buswang ke bo-nna hangata di hlahisa meferefere Ie ho sethabelwe qetellonq.
Kreste ka ntle ho bophelo.

 

2. MOTHO WA MOYA. (Motho ya laolwang le ho nehwa matla ke Moya o Halalelang.)
“Empa motho wa Moya o ahlola tsohle ...“ (I Bakorinthe 2:15).

God on the chair
BOPHELO BA KRESTE
= Kreste teroneng.
M =Bo-nna bo theohile.
=Ditakatso tse buswang ke Modimo, tse hlahisang kutlwano morerong wa Modimo.

 

3. MOTHO WA NAMA. (Motho ya amohetseng Kreste, empa a sa utlwe tiholo eo kahobane a sa itshepa hore a ka iphelela bophelo ba bo-kreste ka bo-yena).

“Ha e le nna banabeso ke sitilwe ho buwa le lona jwaleka hoja le le ba nama, leha e le masea ho Kreste. Ke le fepile ka lebese, eseng ka dijo tse tiileng; hobane le ne le sa di lokela tsona, le jwale di sa ntse di ka le sita; hoba le sa le ba nama. Hobane ha e le moo mona o sa le teng hara lona le diphapang, na ha le ba nama na? (I BaKorinthe 3:1-3).

Gods law BOPHELO BA BO-NNA
M Bo-nna hodima terone ya bophelo
God Kreste o tlositswe hodim’a terone ya bophelo.
people Ditakatso tse buswang ke bo-nna hangata di hiahisa meferefere le ho sethabelwe getellong.

 


1. MODIMO O RE LOKISEDITSE BOPHELO BO KGAPATSEHANG BO BEANG DITHOLWANA BA BOKRESTE.

  • Jesu o itse: “Ke tlile hore di be le bophelo, di bo bone ka ho fetisisa.” (Johanne 10:10).

  • “Ke nna sefate sa morara, mme lona Ie makala. Ya dulang ho nna, le nna ke dula ho yena, eo o bea haholo; hobane ka-ntle ho nna le ka sitwa ho etsa letho.” (Johane 15:5).

  • “Empa tholwana ya Moya ke lerato, Ie thabo, le kgotso, le sebete, Ie kgauho, le molemo, le botshepehi, Ie bonolo, Ie boitshwaro. Ha ho molao o hanang tse jwalo.” (Ba-galata 5:22,23).

  • “Empa Ie tla fuwa matla mohla Moya O Halalelang o tlang ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, Ie naheng eohle ya Judea, Ie ya Samaria, Ie ho isa pheletsong ya Iefatshe.” 
    (Diketso 1:8).

MOTHO WA MOYA... matshwao a se makae a botho ao e leng dithoIwana tsa ho tshepa Modimo. 

Eo Kreste e leng bohare ba hae.
Eo a matlafatswang ke Moya O Halalelang.
Eo a tsebisang ba bang ka Kreste.
Ya nang le matla bophelong ba thapelo
Va utlwisisang Lentswe Ia Modimo.
Ya tshepang Modimo.
Ya mamelang Modimo.
Lerato
Thabo
Kgotso
Mamello
Setswalle
Botshepehi
Ho loka

 

Hore na matshwao ana a bonahala ho le hokae bophelong ba mokreste, ho laolwa ke ho tshepa Modimo mabakeng oohle a bophelo, le ho hola ha tsebo ya hae ho Jesu Kreste. Mokreste eo e leng hona a qalang ho utlwisisa tshebetso ya Moya O Halalelang, a seke a tepella ha mohlomong a sa bone ditholwana bophelong ba hae, jwaleka motho ya seng a ena le kutlisiso e phethahetseng ya Bokreste, eo e leng nako e telele a se a tseba nnete ena, mme a se a ena le boiphihlelo bona.

Ke ka baka lang ha bakreste ba bangata ba sitwa ho ba Ie boiphihielo ba bophelo bo fetisisang na?


2. BAKRESTE BA NAMA BA SITWA HO LATSWA KAPA HO FIHLELA BOPHELO BO FETISISANG KAPA BO KGAPATSEHANG BO BEANG DITHOLWANA.

Motho wa nama o tshepa diteko tsa hae ho fihlella bophelo ba bokreste.

A. Ha a tsebe, kapa o se e  lebetse ka ha lerato Ia Modimo, tshwareIo le matla. (Baroma 5:8-10; Baheberu 10:1-25; I Johane 1:1; 2:1-3; ll Petrose 1:9; Diketso 1:8).

B. Boiphihlelo ba hae ba semoya bo tsamaya bo teba mme bo phahama.

C. O sitwa ho ikutiwisisa . . . O rata ho etsa ho lokileng empa wa sitwa.

D. Ha a amohele matla a Moya O Halalelang hore a tle a phele bophelo ba bokreste. 
(I Bakorinthe 3:1-3; Baroma 7:15-24; 8:7; Bagalata 5:16-18).

MOTHO WA NAMA . . . Mokreste ya sa tshepeng Modimo ka botlalo o tsejwa ka matshwao a latelang:

Ha a tsebe lefa Ia moya wa hae.
Ha a dumele.
O hloka kutlo.
O hloka lerato ho Modimo le ho wa habo.
O fokollwa ke bophelo ba thapelo.
O hloka takatso ya ho ithuta Ientswe Ia Modimo.
Natural Man O leka ho phela ho ya ka molao.
Mehopolo ya hae e ditshila.
O mona.
O na le IetswaIo Ie molato.
    Wa tshwenyeha O fellwa ke matla.
O bona diphoso feela.
O senya merero ye ba bang.
O hloka seoheo.

(Motho ya reng ke mokreste, empa a hanella sebeng o tshwanetse ho bona hore ha se mokreste ho ya ka (I Johanne 2:3; 3:6,9; le Ba-Efese 5:5).


3. JESU O TSHEPISA BOPHELO BO KGAPATSEHANG KAPA BO FETISISANG BO BEANG DITHOLWANA KA HO TLATSWA (HO LAOLWA LE HO MATLAFATSWA) KA MOYA O HALALELANG.

Bophelo bo tietseng Moya ke bophelo bo buswang ke Kreste, boo ka bona Kreste a phelang ka ho rona mme le rona ho Yena ka matla a Moya O Halalelang.

A. Ho ya ka Johanne 3:1-8, motho e ba mokreste ka baka Ia tshebetso ya Moya O Halalelang. Ho tloha motsotsong wa tswalo ya bobedi, Moya O Halalelang O aha ka ho motho. (Johanne 1:12; Bakolose 2:9, 10; Johanne 14:16, 17).  

Leha Moya O Hatalelang O dula ka ho Ba-Kreste bohle, hase bohle ba tlatsitsweng ka Moya O Halalelang (ba buswang, ba matIafatswang ke Oona).

B. Moya O halalelang ke mohlodi wa bophelo bo kgapatsehang kapa bo fetisisang (Johanne 7:37-39).

C. Moya O Halalelang O tlile ho tle tlotlisa Kreste (Johanne 16:13-14).    Ha motho a tlatsitswe ka Moya O Halalelang, ke morutuwa wa nnete wa Kreste.

D. Pele ho nyolohelo ye Hae, Jesu O ile a re tshepisa  matla a Moya O Halalelang,     O tla etsa hore re tle re be dipaki tsa Hae. (Diketso 1:1-9).

Re ka tlatswa jwang ka Moya O Halaleiang?


4. RE TLATSWA (RE BUSWA MME RE MATLAFATSWA KA MOYA O HALALELANG KA TUMELO; KE HONA FEELA RE KA LATSWANG KAPA RA UTLWANG BOPHELO BO KGAPATSEHANG KAPA BO FETISISANG BO BEANG DITHOLWANA BOO KRESTE A BO TSHEPISITSENG MOKRESTE E MONG LE E MONG.

Ka motsotso ona o ka amohela ho tlatswa ka Moya O Halalelang haeba feela:

A. O lakatsa e le ka nnete ho Iaolwa le ho matlafatswa ka Moya O Halalelang  (Mattheu 5:6; Johanne 7:37-39).

B. Ha o ipolela dibe.

      Leboha Modimo tumelong ha a o tshwaretse dibe --  tsa  nako e fetileng,  tsa kajeno Ie tsa nako e      tlang -- hobane Kreste a o shwetse.(Bakolose 2:13-15; I Johanne 1; 2:1.3; Baheberu 10:1.17).

C. Ka tumelo iphumanele Moya O Halalenlang ho ya ka:

1. TAELO YA HAE — le tiale Moya O Halalelang. "Mme le seke Ia tahwa ke veine,  hobane bohlola bo teng ho yona; le mpe  le tlale Moya.” (Ba-Efese 5:18).

2. TSHEPISO YA HAE  — “Mme tshepo e tiileng eo re nang le yona  ho Yena, ke hobane ha re kopa ntho ka ho rata ha Hae, o a re utlwa. --  Mme ha re tseba hore wa re utlwa ha re kopa eng kapa eng, re a tseba hoba re na le tseo re di kopileng ho Yena.” 
(I Johanne 5:14, 15).

Tumelo e ka bonahala kapa ya hlahiswa ka thapelo.

MOKGWA WA HO RAPELA KA TUMELO HORE O TLWATSWE KA MOYA O HALALELANG.

Ke ka tumelo feela re tlatswang ka Moya O Halalelang. Thapelo ya nnete ke mokgwa o mong wa ho bonahatsa tumelo. Mantsvve a latelang e ka ba a thapelo:

“Ntate ya ratehang ke ya o hloka. Ke ipolela ha ke bile ya busang bophelo ba ka mme ka baka leo ke o sitetswe. Ke a o leboha, haele moo ka lefu Ia Jesu Kreste sefapanong O ntshwaretse dibe tsa ka. Ke mema Jesu botjha bo busa terone ya bophelo ba ka. Ntlatse ka Moya O Halalelang jwaleka ha o ntaetse, le jwaleka ha o tshepisitse hore o tla ho etsa ha ke ho kopa ka tumelo. Ke rapella tsena ka lebitso la Jesu. Jwaleka ha mokgwa wa ho hlahisa tumelo ya ka, kea o leboha ha jwale o busa bophelo ba ka mme o ntlatsa ka Moya O Halalelang.”

Na thapelo ena e hlahisa Ie ho bolela seo e leng maikutlo a pelo ya hao na? Haeba ho jwalo, kguimama o rapele ka motsotso ona, mme o Mo tshepe hore O tla O tlatsa ka Moya O Halalelang.


KAMOO O KA TSEBANG KATENG HORE O TLATSITSWE (HO BUSWA LE HO MATLAFATSWA) KA MOYA O HALALELANG.

Na o kopile hore Modimo O o tlatse ka Moya O Halalelang na? Na o nale bonnete ba hore jwale o tIatsitswe ka Moya O Halalelang na? Ke ka matla kapa ka tshwanelo efe? (ka matla a ho dumela Modimo le a Lentswe Ia Oona: ( Baheberu 11:6, Baroma 14:22,23).
O seke wa  tshepa maikutlo. Tiiso ya rona e theilwe hodima ditshepiso tse  tswang Lentesweng Ia Modimo, eseng hodima  maikutloa a rona. Mokreste o phela ka tumelo (tshepo) tokelong ya ho dumela ho Modimo le Lentsweng la Oona. Setshwantso sena se supa kamano mahareng a NNETE (Modimo le Lentswe la Oona), TUMELO (tshepo ya rona ho Modimo a le Lentsweng Ia Oona) Ie MAIKUTLO (thoiwana ya tumelo le kut’o ya rona) (Johanne 14:21).

train

Terene e ka tsamaya e ena kapa e sena letoroko Ia balaodi . Empa e ‘ka ba bothoto ho leka ho tsamaisa terene ka letoroko Ia balaodi. Mokreste Ie yena ha a thee tshepo ya hae hodima maikutlo Ie boikutlo, empa o thea tumelo ya hae (tshepo) tshwanelong ya ho dumela ho Modimo Ie ditshepisong tsa Lentswe Ia Oona.

KAMOO O KA TSAMAYANG MOYENG KATENG.

Tumelo (ho tshepa Modimo le dipallo tsa Oona) ke oona mokgwa feela oo ka ona mokreste a ka phelang bophelo boo ho bona a tsamaiswang ke moya. Ha o tshepa Jesu motsotso o mong le o mong:

A. Bophelo ba hao bo tla tswelapele ho bonahatsa ditholwana tsa moya,(Bagalata  5:22,23); mme o tla fetoha ho tshwana le Kreste (Baroma 12:2; II Bakorinthe 3:18).

B. Bophelo ba hao ba thapelo le ho ithuta Lentswe Ia Modimo, ho tla o fetohela molemo haholo.

C. O tla be le boiphihielo ba matla a Hae ho mo paka (Diketso 1:8).

D. O tla tlamelwa bakeng sa ntwa ya Moya le Iefatshe (I Johanne 2:15-17) Ie nama (Bagalata 5:16,17); le satane (I Petrose 5:7-9; Ba-Efese 6:10-13).

E. O tla ba Ie boiphihlelo ba matla a Hae ho Iwantsha moleko le sebe (I Bakorinthe 10:13; Bafillipi 4:13; Ba-Efese 1:9-23; II Timothea 1:7; Baroma 6:1-16).


PHEFUMOLOHO YA SEMOYA:

Ka tumelo o ka fumana lerato le tshwarelo ya  Modimo ka mokgwa  o sa kgaotseng. Ha o lemoha boemo kapa ketso  e nngwe bophelong ba  hao e sa kgahleng Modimo, moo wena o  ntseng o leka ho tsamaya le Modimo mme o lakatsa ho O sebeletsa, O lebohe ka baka Ia lefu Ia Jesu Ia poelano ha ka lona a o tshwarela dibe  (tsa nako e fetileng, tsa hona jwale Ie  tsa nako e tlang). Ithuele lerato le tshwarelo ya hae  mme o tswelepele ho ba le kopano le Oona.

Ha o ka boela hape o dula hodimo terone ya bophelo ba  hao ke baka Ia sebe — e leng ketso ya nnete ya ho se utlwe --  o qale  o sebedise phefumoloho ya semoya.

Phefumoloho va Semova (ho phefumolohela ntle  tse ditshila le ho phefumolohela ka hare  tse hiwekileng) ha se letho haese  feela kwetliso ya tumelo hoo ka hona o tlang ho tseba ho latswa kapa ho fumana lerato le tshwarelo ya Modimo ka dinako tsohle.

  1. Phefumolohelo -- ntle . . . ipolele dibe . . . dumellana le Modimo ka sebe sa hao mme o moo lebohe ka tshwarelo ya Hae ho yaka I Johanne 1:9 le Baheberu 10:1-25. Boipolelo bo bolela Is boinyatso -- e leng phetoho mokgweng wa ho phela.
  2. Phefumolohelo kahare . . . neela puso ya bophelo ba hao ho Jesu Kreste mme o amohele botlalo ba Moya Halalelang ka tumelo. Tshepa hore jwale o busa bophelo ba hao mme O o nea matla ho ya ka thapelo e ho Ba-Efese 5:18, le tshepiso e ho I Johanne 5:14,15.

HAEBA BUKANA ENA E O FETOHETSE MOLEMO, E FETISETSE HO E MONG KAPA O E BALLE E MONG.

Dikgatiso tse dikete tsa dikete tsa bukana ena: “Na o se o fumane tshibollo e makatsang ya bophelo bo tletseng Moya na?, di se di fetoIetswe dipuong tse kgolo tsa lefatse le ho hasangwa. Ka baka Ia hona, dikete tsa bakreste di se di fumane le ho buswa ke Moya O Halalelang bophelong ba bona. Ka bophelo bo kgapatsehang kapa bo fetisisang boo Kreste a botshepisitseng, ba fetohile dipaki tsa nnete tsa bakreste.
WILLIAM BRIGHT, President, Campus Crusade for Christ International.

Re kgothaletsa ho sebediswa ha bukana ena, empa ho thibela ho fetolwa ha ditaba tsa yona le hore di nyenyefatswe, bukana ena (kapa karolo ya yona) e ke ke ya sebediswa ka mokgwa ofe kapa ofe. Tumello e ngotsweng e fumanwa ho: Campus Crusade for Christ of S.A., P.O. Box 91015 Auckland Park 2006.